Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 123:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O re utlwele bohloko, Jehova, o re utlwele bohloko! Hobane re se re kgotshe sekgobo haholo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Re hauhele Morena, re hauhele, hobane re nyedisitswe, ra nyediswa ho feta tekanyo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 123:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Ba re ho yena: Ho itswe ke Esekiase: Tsatsi lena ke la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


Bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ba ntadima jwaloka hoja ke osele; ho bona ke ya sa tsejweng.


Ha ke bitsa, o nkarabe, wena Modimo wa ho loka ha ka! Ha ke le matswalong, o a ntokolla! Nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.


Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.


Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, porofetela naha ya Iseraele, o re ho dithaba le dithabana, melapo le dikgutlo: Morena Jehova o re: Ke nna enwa; poulelong ya ka le kgalefong ya ka ke a bua, hobane le fela le jere sekgobo sa ditjhaba.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; ha a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ