Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 123:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bonang, jwaloka mahlo a bahlanka ha a tadima matsoho a benghadi ba bona, le mahlo a lekgabunyane ha a tadima letsoho la mofumahadi wa lona, mahlo a rona a tadima Jehova, Modimo wa rona, jwalo, ho fihlela a ba a re utlwela bohloko!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 a jwaloka mahlo a bahlanka, a tadimileng letsoho la monga bona. Jwalokaha mahlo a lekgabunyane a tadimile letsoho la mofumahadi wa lona, le mahlo a rona a tadima Morena Modimo wa rona jwalo, ho fihlela a ka re hauhela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 123:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.


Oho morena, monga ka, mahlo a Baiseraele bohle a shebile wena, hore o ba tsebise hore e tla ba mang ya tla dula teroneng ya morena, monga ka, kamora hao!


Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Mahlo a ka a ebile ke ho lebella pallo ya hao, mme ke re: O tla ntshedisa neng?


Mahlo a ka a tadima Jehova kamehla, hobane o tla tshwasolla maoto a ka lerabeng.


Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!


Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.


Jwale le rohakilwe, mme le ke ke la lesa ho ba bahlanka, le ba rathelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, le ba e kgellang metsi.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ