Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 122:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Rapellang kgotso ya Jerusalema! Ho atlehe ba o ratang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Rapellang Jerusalema e be le kgotso: “Ba o ratang ba ke ba atlehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 122:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.


Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng.


Setjhaba sa hlohonolofatsa batho bohle ba ithaopileng ka thato ya bona ho aha Jerusalema.


A mo nea le kopi ya lengolo la taelo e entsweng Susane ya ho ba timetsa, a tle a le bontshe Esthere, mme a mo tsebise tsohle; hape, a laela Esthere ho kena ho morena a tle a mo rapedisise, a rapelle setjhaba sa habo ho yena.


Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!


Le se ke la mo fa sebaka, a be a tsose Jerusalema, a mo etse motse o roriswang lefatsheng!


Ithabiseng le Jerusalema, nyakallo ya lona e ke e tsoswe bakeng sa hae, lona kaofela ba mo ratang! Ithabeleng haholo le yena, lona kaofela ba nnileng ba mo llela;


Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.


Lona ba phemileng lerumo, tlohang, le se ke la ema; hopolang Jehova le sa le hole, Jerusalema a ke a hlokomelwe ke dipelo tsa lona.


O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!


bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.


Le tiye matla ho boloka bonngwe ba moya ka tlamo ya kgotso.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banababo rona. Ya sa rateng ngwanabo o sa dutse lefung.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ