Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.
Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.
Jehova o tla mo lwela! Ka letsatsi le lebe, Jehova o tla mo sireletsa, a mo phedise; e tla ba motho ya lehlohonolo lefatsheng. O ke ke wa mo neela thatong ya bao e leng dira ho yena.
Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!