Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.
Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.
E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.
Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.