2 Thuso ya ka e tswa ho Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.
2 Thuso ya ka e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe.
Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.
Le bahlohonolofatswa ba Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.
Thuso ya rona e lebitsong la Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.
Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.
Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.
Empa Jehova o ho nna jwaloka senatla se tshabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa, ba ke se ke ba hlola letho; ba tla hlabiswa dihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be dihlong tse sa feleng, tse se nang ho lebalwa.
Ho o timetsang, Iseraele, ke ha o ipeile sera ho nna, ke le ya o thusang.
Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?