1 Ke lelaletsa mahlo a ka dithabeng; thuso ya ka e tla tswa kae?
1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima dithabeng; ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.
Ke phahamisetsa mahlo ho wena, ya dutseng mahodimong!
o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!
empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.
Moaho wa hae o dithabeng tse halalelang;
Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.