7 Ke rata kgotso feela! Empa ha ke bua, ba batla ntwa.
7 Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa.
Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?
Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela.
sesefa bobe, o etse botle; batla kgotso, o e latelle.
Hobane kgotso e hlokwa dipolelong tsa bona, ba rera ditaba tsa ho thetsa ba bonolo ba lefatshe.
Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.
Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.
Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.
Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.
Jafeta a boela a romela morena wa bana ba Ammone manqosa,