Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 12:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa tadima lefatshe, mme wa bona hoba le bodile le hoba nama yohle e sentse mokgwa wa yona lefatsheng.


Matthithia, le Elifele, le Mikneia, le Obed-Edomo, le Jeiele, le Asasia, ba ne ba tshwere diharepa tse kgole tse robileng meno e le mmedi ho tsamaisa pina.


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


Oho Modimo, o mpoloke ka lebitso la hao, o nkemele ka matla a hao!


Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!


Kgutla, Jehova, o lokolle moya wa ka; o mpoloke ka baka la mohau wa hao.


Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Motho ya lokileng o a timela, mme ha ho ya lemohang teng; batho ba molemo ba tloswa, mme ha ho ya lemohang hobane ya lokileng o tloswa, bobe bo eso ho hlahe.


Ha ho ya pakang ho loka, ha ho ya emelang nnete; ho tshepuwa lefeela, ho bolelwa leshano; ba emola bolotsana, mme ba tswala bokgopo.


Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Empa ha a bona moya o le bohale, a tshoha, mme ha a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!


Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo.


Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose; re a timela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ