Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:98 - Sesotho 1909/1961 (SO)

98 Ditaelo tsa hao di ntlhalefisa haholo ho fetisa dira tsa ka, hobane di na le nna kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

98 Molao wa hao o ntlhalefisa ho feta dira tsa ka, hobane ke na le wona kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:98
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ke ikgethetse tsela ya nnete, ke pheheletse ho bea molao wa hao pela mahlo a ka.


hobane Jehova ke yena ya fanang ka bohlale; tsebo le kutlwisiso di tswa molomong wa hae.


Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle.


Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.


Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.


Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.


Enere ha marena a Bafilesta a futuha, mohla a futuhang, Davida o ne a etsa ka masene, ho fetisa bahlanka bohle ba Saule, bitso la hae la ba la tuma haholo.


Davida a nna a futuhela hohle moo Saule a mo romang, mme kahohle a etsa ka masene; Saule a mmea le molaodi wa banna ba ntwa; mme setjhaba sohle le bahlanka ba Saule ba kgahlwa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ