Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:9
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.


Ke kang ha o mpeetse ntho tse babang, leha o nkotlela makgopo a botjha ba ka?


Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ha ke lemoha diketso tsa batho, ka lentswe la hao ke sesefile ditsela tsa batho ba sehloho.


O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!


Tloong, lona bara ba ka, le mmamele; ke tla le ruta ho tshaba Jehova.


Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela.


ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello.


Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello.


ka bona ho le dithoto, hara ba batjha ka lemoha mohlankana e mong ya hlokang kutlwisiso;


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.


Lona, le se le hlahotswe ka lentswe leo ke le boleletseng lona.


Etlare hobane a dule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ya molao oo, a nke ditaba bukeng e leng ho baprista ba Balevi.


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ