89 LAMED. Jehova, lentswe la hao le hlola mahodimong ka ho sa feleng;
89 Morena, lentswe la hao ke la mehla yohle, le tiile jwaloka mahodimo.
Mesebetsi ya diatla tsa hae ke nnete le ho loka;
ditaelo tsa hae kaofela ke tsa sebele, tse tiileng ka ho sa yeng kae le ka ho sa feleng; di theilwe nneteng le ho lokeng.
E se e le kgale ke tsebile ka dikeletso tsa hao hore o di tiisitse, di tle di be teng ka ho sa yeng kae.
Kakaretso ya lentswe la hao ke nnete, dikahlolo kaofela tsa ho loka ha hao ke tse sa feleng.
hobane ke itse: Mohau wa hao o entswe moaho o sa feleng; o theile botshepehi ba hao mahodimong.
Jwang bo a omella, palesa e a foforeha, empa lentswe la Modimo wa rona le tiile ka ho sa feleng.
Hobane kannete ke a le bolella, ke re: Lehodimo le lefatshe ha di eso ho fete, jota leha e le nngwe, le hlaku leha e le nngwe ya molao, e ke ke ya feta, ho eso ho etsahale ntho tsohle.
empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Mme ke lona lentswe leo le le bolellwang.
Empa re lebeletse, ka pallo ya wona, mahodimo a matjha le lefatshe le letjha moo ho loka ho ikahetseng teng.