88 O mphedise ka mohau wa hao, ke tle ke boloke dikeletso tsa molomo wa hao!
88 Ako nnee bophelo ka mohau wa hao, ke latele ditemoso tse tswang ho wena.
O etse ho mohlanka wa hao ka mohau wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.
Ke bitsa ho wena, o ke o mpholose, ke tle ke boloke dikeletso tsa hao!
Jehova, utlwa lentswe la ka ka mohau wa hao! O mphedise ka kahlolo ya hao!
Jehova, o elellwe hoba ke rata ditemoso tsa hao; o mphedise ka mohau wa hao!
Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,
DALETH. Moya wa ka o maname leroleng; ako mphedise ka lentswe la hao!
Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!
Ekare ha bara ba hao ba boloka selekane sa ka, le melao eo ke ba rutang yona, le bona bana ba bona ba tla nne ba dule teroneng ya hao kamehla.
Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.
O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,