Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:87 - Sesotho 1909/1961 (SO)

87 Ba batlile ho ntimetsa, ba ne ba se ba nthapaladitse fatshe; empa ha ke tlohele ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

87 Ba batile ba ntlosa lefatsheng, empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:87
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, romelang kapele, le tsebise Davida, hore a se ke a robala bosiu bona nahathothe, a mpe a tshelele mose wane, esere mohlomong morena le setjhaba sohle se leng ho yena ba timetswa.


Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.


Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao.


Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Bona, jwalokaha bophelo ba hao e bile ntho e kgolo mahlong a ka kajeno lena, bophelo ba ka bo be boholo jwalo mahlong a Jehova, mme a nnamolele ditsietsing tsohle.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ