86 Ditaelo tsa hao kaofela ke nnete. Ba ntlhorisa feela; o ke o nthuse!
86 Melao ya hao yohle ke ya nnete; empa bona ba ntlhorisa ka mashano, ako nthuse.
O nthuse, Jehova, Modimo wa ka! O mpoloke ka mohau wa hao,
Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.
o laetse dikeletso tsa hao ka ho loka le ka botshepehi bo boholo.
Ho loka ha hao ke ho loka ho sa feleng; molao wa hao ke nnete.
empa, wena, Jehova, o haufi; ditaelo tsa hao kaofela ke nnete.
Baikakasi a ba ke ba hlajwe ke dihlong, hobane ba ntuba feela! Haele nna, ke ntse ke nahana ditemoso tsa hao.
Jehova, o ntopolle direng tsa ka, hobane ke balehela ho wena.
Tshebeletso ya Jehova e hlwekile, e hloleha kamehla; dikahlolo tsa Jehova ke nnete, di lokile kaofela;
O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!
Hobane leha ho bo ho se molato, ba tjhekile lemena pela maoto a ka, ba tjheketse bophelo ba ka feela.
Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.
Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; Modimo, o mphakisetse! O thuso ya ka le mopholosi wa ka! Jehova, o se ke wa dieha!
Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.
Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.