Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:73 - Sesotho 1909/1961 (SO)

73 JOD. Diatla tsa hao di nkentse, ka bopjwa ke tsona; o mphe kutlwisiso, ke tle ke ithute ditaelo tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

73 O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:73
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Feela, Jehova a ke a o nee kelello le kutlwisiso, a etse hore o rene Iseraeleng, o ntse o bolokile molao wa Jehova, Modimo wa hao.


Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.


Ha ke re, ya mpopileng popelong, le eo o mmopile na? Na hase wona o re entseng popelong ya mosadi na?


Empa moya o teng ho motho, pudulo ya Ya matla wohle ke yona e neang motho kutlwisiso.


Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Ke mohlanka wa hao, o mphe kutlwisiso, ke tle ke tsebe dikeletso tsa hao.


Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!


THAU. Jehova, mehoo ya ka a e ke e finyelle ho wena! O mphe kutlwisiso ka pallo ya hao.


Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle.


Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.


Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ