65 TETH. Jehova, o etsetsa mohlanka wa hao molemo kamoo o mmaletseng kateng.
65 Morena, o entse tse molemo, wa di etsetsa mohlanka wa hao, ho ya ka lentswe la hao.
Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.
Moya wa ka, o boele phomolong ya hao, hobane Jehova o o entse hantle.
GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao.
Ke tla rorisa Jehova ka baka la botle boo a nketsetsang bona.
O nneile thebe ya poloko ya hao, letsoho la hao le letona le ntse le ntiisa, mme lereko la hao le nkgodisitse.
Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse!