63 Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.
63 Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.
Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.
Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!
Ba o tshabang a ba ke ba kgutlele ho nna, mme ba tla tseba dikeletso tsa hao!
Bakeng sa banabeso le sa metswalle ya ka, ke tla re: Kgotso e be ho wena!
O ntshe moya wa ka teronkong, ke tle ke rorise lebitso la hao! Ba lokileng ba tla tla ho nteela hare, hobane o tla nketsetsa mohau.
Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.
Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.
Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banababo rona. Ya sa rateng ngwanabo o sa dutse lefung.