61 Meqetjhe ya ba babe e nteetse hare; empa ha ke lebale molao wa hao.
61 Le hoja maraba a ntshwasitse, maraba a ba kgopo a ntshwasitse, ha ke a lebala Molao wa hao.
Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.
Ke ntse ke phaila jwaloka nku e lahlehileng; o ke o batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale ditaelo tsa hao.
Ba babe ba ntaletse ho ntimetsa; ke mpa ke ela dikeletso tsa hao hloko.
Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)
Jehova, bao e leng dira ho nna ba bangata hakakang! Ba bangata hakakang ba ntsohelang matla!
O se ke wa re: Jwalokaha a nkentse, le nna ke tla mo etsa jwalo; ke tla busetsa ho e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.
Le sehlopha sa baprista se jwaloka sehlopha sa balalli; tseleng e yang Sikeme ba bolaya batho; e, ba etsa ka bolotsana.