Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:59 - Sesotho 1909/1961 (SO)

59 Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

59 Ke hlahlobile metsamao ya ka, mme ke kgutletse tseleng eo o mpontshitseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:59
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Ha ho le jwalo, ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ba ntlo ya Iseraele: ho rialo Morena Jehova. Kgutlang, le sokolohe ditlolong tsohle tsa lona, hore bokgopo bo se ke ba le kgothometsa.


ho jwalo le molotsana, ha a kgeloha bolotsana ba hae, a etsa ka taelo le ka ho loka, o tla phela ka tseo.


Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.


Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.


Yare ha Maria a utlwa, a phakisa a tloha, a ya ho yena.


Mme jwale, ha ke boela ho lona, mohlomong Modimo wa ka o tla nkokobetsa ka lona, mme ke tla hlomoha ka ba bangata ba sitilweng pele, ba sa kang ba baka ditshileng, le bofebeng, le bohloleng boo ba bo entseng.


Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ