Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Tshediso ya ka bomadimabeng ba ka, ke hobane se boletsweng ke wena se mphedisitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

50 Ho hlopheheng ha ka se ntshedisang ke sena: Tshepiso ya hao e nnea bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:50
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

DALETH. Moya wa ka o maname leroleng; ako mphedise ka lentswe la hao!


O tiiseletse mohlanka wa hao pallo ya hao e etseditsweng ba o tshabang.


VAU. Mehauhelo ya hao e ke e finyelle ho nna, Jehova, le poloko ya hao, ka pallo ya hao!


Hola molao wa hao o sa ka wa nthabisa, nka be ke fedile bomadimabeng ba ka.


Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose.


Hola ke sa ka ka dumela hoba ke tla bona molemo wa Jehova lefatsheng la ba utlwang, nka be ke timetse!


Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


Pelo ya ka ha e tletse dipelaelo matshediso a hao a hlabolla moya wa ka.


Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.


Yaba ke porofeta kamoo a ntaetseng kateng, mme moya wa kena ho tsona; tsa phela, tsa ba tsa ema ka maoto, e le sera se seholo haholoholo.


Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.


Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ