47 Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;
47 Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo.
Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.
SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.
O tlosa ba babe kaofela lefatsheng jwaloka lefilo; ke ka baka leo ke ratang dikeletso tsa hao.
Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.
Lentswe le hao le hlwekile ka ho fetisa, le ratwa ke mohlanka wa hao.
Jehova, o elellwe hoba ke rata ditemoso tsa hao; o mphedise ka mohau wa hao!
Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.
Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao.
Moya wa ka o boloka dikeletso tsa hao, ke di rata ka ho fetisisa.
Jehvoa, ke hlolohetswe poloko ya hao, mme molao wa hao ke dithabiso tsa ka.
Dikeletso tsa hao le tsona ke menyaka ya ka le baeletsi ba ka.
ke tla emisetsa ditaelo tsa hao matsoho a ka, hobane ke a di rata, ke nahane dikomelo tsa hao.
MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.
Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.
Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ka sona ke dumela hoba molao o molemo.
Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;
Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste;
Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;