42 Ke tle ke tsebe ho fetola ya nkgobang, hobane ke itshepetse lentswe la hao.
42 ke tle ke tsebe ho araba ba nnyefolang, hobane ke tshepile lentswe la hao.
Ke neetswe ditshomo tsa bona, ha ba ntadima ba sisinya dihlooho tsa bona.
ZAIN. O elellwe pallo ya hao ho mohlanka wa hao, eo ke tshepisitsweng ka yona!
Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao.
KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.
Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.)
Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?
Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke itshepetse Modimo, ha ke tshabe letho: motho a ka nketsang?
Mora wa ka, hlalefa, o nthabise pelo, mme ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.
ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.
Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng.