Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,
Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.
Etlare ha le mamedisisa ditaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno, ha le rata Jehova, Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle,
Hobane, ekare ha le boloka hantle ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno ho etsa ka tsona, le rata Jehova, Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kaofela, le mo kgomarela,
Hobane ke a o laela kajeno hore o rate Jehova, Modimo wa hao, le ho tsamaya tseleng tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, o tle o phele, o ngatafale, mme Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse naheng eo o yang ho e rua.
Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.
Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.
Oho! Iseraele, di utlwe hle, mme o itiise ho boloka melao eo, o tle o be le lehlohonolo, mme le ate haholo lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse.
Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.