Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 O ntsamaise ka tsela ya ditaelo tsa hao, hobane ke ithabisetsa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ntsamaise tseleng ya melao ya hao, hobane ke a e thabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:35
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu.


Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.


Letsoho la hao a le ke le nthuse, hobane ke ikgethetse ditemoso tsa hao.


O ntshenolele tsela ya ditemoso tsa hao, mme ke tla nahanisisa mehlolo ya hao!


Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.


O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae.


Jehova, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mekgwa ya hao.


Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.


Hobane ke o ruta tsela ya bohlale, ke o tsamaisa mmileng wa ho loka.


Tsela ya ba lokileng e jwaloka lesedi le kganyang, le ntseng le eketsa ho kganya ho fihlela motshehare o moholo o phethehileng.


Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.


Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;


hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ