Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 HE. Jehova, o nthute tsela ya dikomelo tsa hao, ke tle ke tsamaye ka yona ho isa qetellong!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:33
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke sekamisitse pelo ya ka, e tle e ye ka dikomelo tsa hao kamehla, ho isa qetellong.


Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,


Ke rata ho boloka dikomelo tsa hao: o se ke wa ntlohella ruri!


Ke ne ke le semumu, ke ikgutseditse, ka itima ho bua, leha e le tsa botle; empa bohloko ba ka ba eketseha;


Bana ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena; kgotso ya bana ba hao e tla ba kgolo.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.


Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo fa mmuso hodima ditjhaba:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ