Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ke tla matha tseleng ya ditaelo tsa hao, ha o se o habolotse pelo ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ke tla matha tseleng ya melao ya hao, hobane wena o ntokolotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:32
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o tloha teng, a tjheka sediba se seng, mme sona ha se a ka sa tsekwa, mme a se rea lebitso la Rehobothe (sebaka), a re: Jwale, Jehova o re etseditse sebaka, mme re tla ata lefatsheng.


Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.


O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.


Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.


Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


Helang! lona Bakorinthe, molomo wa rona o le ahlametse, pelo tsa rona di le ahlametse.


Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,


Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ