Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 O ntshesefise tsela ya leshano, o mphe ho tseba molao wa hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:29
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke fihlela kelello ditemosong tsa hao, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano ke hona.


Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.


Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao.


O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao.


Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,


Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;


O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang;


Ha re re, ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.


Ya reng: Ke a o tseba, kanthe ha a boloke ditaelo tsa wona, o leshano, mme nnete ha e yo ho yena.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ