A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo; hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo; ke bile ke setse ke nnotshi; mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.
o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.
Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.
Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.
Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)