Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 DALETH. Moya wa ka o maname leroleng; ako mphedise ka lentswe la hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:25
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, ke hlomohile haholo; o ke o mphedise kamoo lentswe la hao le boletseng kateng.


Jehova, utlwa lentswe la ka ka mohau wa hao! O mphedise ka kahlolo ya hao!


Mehauhelo ya hao, Jehova, e meholo; o ke o mphedise ka dikahlolo tsa hao!


Jehova, o elellwe hoba ke rata ditemoso tsa hao; o mphedise ka mohau wa hao!


O furallise mahlo a ka tadimong ya lefeela, o ntlhabollele ditseleng tsa hao.


Bona, ke hlolohetswe ditemoso tsa hao; o mphedise ka ho loka ha hao!


O mphedise ka mohau wa hao, ke tle ke boloke dikeletso tsa molomo wa hao!


Nke ke ka lebala ditemoso tsa hao le ka mohla o le mong, hobane o mphedisitse ka tsona.


Jehova, o boele o mphedise ka baka la lebitso la hao; ka ho loka ha hao o ntshe moya wa ka tsielehong;


matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu.


Hobane meya ya rona e tepelletse leroleng, mmele ya rona e kgomaretse mobu.


Tsoha ho tla re thusa; o re namolele ka baka la mohau wa hao!


Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.


Mme ha re sa tla hlola re o tlohela; o boele o re phedise, mme re tla rapela lebitso la hao.


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Jehova, Modimo wa hao, o tla bolotsa pelo ya hao, le dipelo tsa ditloholo tsa hao, o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao, o tle o phele.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Hopolang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ