Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.
Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.
Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.