Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ho lehlohonolo ba latelang ditemoso tsa hae, ba mmatlang ka pelo tsohle tsa bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O boloke taelo ya Jehova, Modimo wa hao, ka ho tsamaya tseleng tsa hae, o ye le ka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le mantswe a hae, le ditemoso tsa hae, kamoo di ngodilweng kateng, molaong wa Moshe, e be hore o tle o atlehe ditabeng tsohle tseo o tla di etsa, le hohle moo o tla leba teng.


Jwale, sekamisetsang pelo tsa lona le meya ya lona ho batla Jehova, Modimo wa lona; le eme, mme le hahe sehalalelo sa Jehova Modimo, hore le tle le tlise areka ya selekane sa Jehova le diphahlo tse kgethehileng tsa Modimo tlung e tla hahelwa lebitso la Jehova.


Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.


ba tle ba boloke ditaelo tsa hae, mme ba ye ka melao ya hae. Bokang Jehova!


Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao.


Ke faposa leoto la ka tseleng tsohle tse mpe, ke tle ke boloke lentswe la hao.


Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!


Ke bitsa ho wena, o ke o mpholose, ke tle ke boloke dikeletso tsa hao!


GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao.


O ke o tlose sekgobo le nyediso ho nna, kahobane ke boloka dikeletso tsa hao!


HE. Jehova, o nthute tsela ya dikomelo tsa hao, ke tle ke tsamaye ka yona ho isa qetellong!


Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle.


KHETH. Jehova ke kabelo ya ka; ke re ke tla boloka mantswe a hao.


Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle.


O mphedise ka mohau wa hao, ke tle ke boloke dikeletso tsa molomo wa hao!


Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.


Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.


Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona.


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.


Bolokang ka ho tiya ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, le dikahlolo tsa hae, le melao eo a o laetseng yona.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ