167 Moya wa ka o boloka dikeletso tsa hao, ke di rata ka ho fetisisa.
167 Ke latela ditemoso tsa hao, ke di rata haholo.
Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.
Jehova, o elellwe hoba ke rata ditemoso tsa hao; o mphedise ka mohau wa hao!
Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;
MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.
Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.
Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;
Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona kamora ditshiu tseo, ho rialo Morena; ke tla kenya melao ya ka dipelong tsa bona, ke e ngole dikelellong tsa bona, o eketsa o re: