163 Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao wa hao.
163 Leshano ke le hloile, ke a le nyonya; Molao wa hao wona ke a o rata.
Ya etsang ka ho thetsa, a ke ke a dula ka tlung ya ka; ya etsang leshano ha a na ho ema pela mahlo a ka.
Ke fihlela kelello ditemosong tsa hao, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano ke hona.
SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.
Ka baka leo, ke ntse ke fihlela hoba ditemoso tsa hao di lokile nthong tsohle; mme ke hloile ditsela tsa leshano kaofela.
O ntshesefise tsela ya leshano, o mphe ho tseba molao wa hao!
Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;
Ya kgabane o hloile polelo tsa leshano; empa ka tsona e mobe o ipatlela dihlong le nyediso.
Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;
Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.
Lerato a le ke le hloke boikaketso. Hloyang ho hobe, le kgomarele ho molemo.
Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.
Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.