Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:162 - Sesotho 1909/1961 (SO)

162 Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

162 Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:162
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.


Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.


Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.


Ho kokobetswa le ba banyenyane ho molemo ho ena le ho ja kgapo le baikgohomosi.


O atisitse setjhaba, o se sitsitse ka thabo e kgolo; ba tla thaba pontsheng ya hao, jwalokaha ho thajwa mohla kotulo, le jwalokaha ho thauthwa dithepa tsa kgapo.


Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.


A mo isa, ba ba fihlela ba qhalane naheng yohle, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabile ke kgapo yohle e kgolo eo ba e hapileng naheng ya Bafilesta le naheng ya Juda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ