Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:161 - Sesotho 1909/1961 (SO)

161 SHIN. Marena a ntlhorisa feela; empa pelo ya ka e thothometswa ke mantswe a hao feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

161 Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka, empa pelo ya ka e tshoswa ke lentswe la hao feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:161
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.


Bahlorisi le batubi ba ka ba bangata; empa ha ke a ka ka kgeloha dikeletso tsa hao.


Esita le marena a dutse ho rera morero wa ho ntwantsha; mohlanka wa hao o nahana dikomelo tsa hao.


Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Kapa le re, ke hloka mahlanya, ha le tlisitse eo hore a etse ketso tsa bohlanya pela ka na? Na ya jwalo a ka kena tlung ya ka na?


A eketsa a re: Ho ya kang ha monghadi wa ka a phallela mohlanka wa hae? Na ke entseng? bobe ke bofe letsohong la ka na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ