Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:157 - Sesotho 1909/1961 (SO)

157 Bahlorisi le batubi ba ka ba bangata; empa ha ke a ka ka kgeloha dikeletso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

157 Ba bangata ba ntlhorisang, le ba ntwantshang ba bangata, empa ha ke furalle ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:157
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


Leoto la ka le tiile mehlaleng ya wona; ke bolokile tsela ya wona; ha ke a ka ka kgeloha ho yona.


Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao.


Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.


Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.


Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.


O tadime bongata ba dira tsa ka, le hloyo e mpe eo ba ntlhoileng ka yona.


Re hlahetswe ke tseo kaofela; leha ho le jwalo, re ne re sa ka ra o lebala, re sa ka ra tlola selekane sa hao;


ba ntwantshang ba mpefellwa tsatsi lohle, ba bangata ba ntwantshang ka boikgohomoso.


Jehova, Modimo wa ka, ke balehela ho wena; o mpoloke ho bohle ba ntlhorisang, mme o ntokolle;


A ke ke a fokola, leha e le ho tepella, a eso ho bee ho loka lefatsheng; dihlekehleke di tla tshepa molao wa hae.


Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


A re a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se romilweng ke baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ