155 Poloko e hole le ba babe; hobane ha ba hlokomele dikomelo tsa hao.
155 Pholoho e holehole le ba kgopo, hobane ha ba batle thato ya hao.
bana ba lona ha ba sa na boiketlo, ba hatakelwa dikgorong, ho se ya ba namolelang.
Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.
Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa, mme o kokobetsa mahlo a phahameng.
Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.
Mmameleng, lona ba pelo di thata, bao le leng hole le ho loka.
Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.
Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.
A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.
ha ho ya nang le kutlwisiso, ha ho ya batlang Modimo;