Empa, oho Jehova wa makgotla, moahlodi ya lokileng ya lekang matheka le dipelo, ke tla bona boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke o laeleditse nyewe ya ka.
Empa Molopolli wa bona o matla, Jehova wa makgotla ke lebitso la hae; ruri, o tla ba ahlolela, hore a tle a nee lefatshe phomolo, a ferekanye baahi ba Babilona.
Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.
Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.
Eitse hobane Davida a qetelle ho bua taba tseo ho Saule, Saule a re: Na ke lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Saule a ntoo phahamisa lentswe la hae, a lla.