151 empa, wena, Jehova, o haufi; ditaelo tsa hao kaofela ke nnete.
151 Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete.
o laetse dikeletso tsa hao ka ho loka le ka botshepehi bo boholo.
Ho loka ha hao ke ho loka ho sa feleng; molao wa hao ke nnete.
Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!
O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.
Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.
Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meya e teteditsweng.
Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.
Re a o roka, Modimo, re a o roka; lebitso la hao le pela rona; ho bolelwa meeka ya hao.
Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.
Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?