15 Ke rata ho nahana ditemoso tsa hao, le ho bea ditsela tsa hao pela mahlo a ka.
15 Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao.
Isaaka o ne a tswetse naheng ho ya imamela haele mantsiboya, mme a emisa mahlo a hae, a tshoha a bona dikamele di etla.
empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu.
O nkotle, ke tle ke bolokehe, dikomelo tsa hao di be pela mahlo a ka kamehla!
Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo; hobane ke jewa ke takatso ya ditaelo tsa hao.
Mahlo a ka a raka dinako tsa tebelo ya bosiu ho nahana lentswe la hao.
Esita le marena a dutse ho rera morero wa ho ntwantsha; mohlanka wa hao o nahana dikomelo tsa hao.
ke tla emisetsa ditaelo tsa hao matsoho a ka, hobane ke a di rata, ke nahane dikomelo tsa hao.
ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.
Baikakasi a ba ke ba hlajwe ke dihlong, hobane ba ntuba feela! Haele nna, ke ntse ke nahana ditemoso tsa hao.
MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.
Ke na le kutlwisiso e fetisang ya ba nthutang kaofela, hobane dikeletso tsa hao ke nahano ya ka.
Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.