148 Mahlo a ka a raka dinako tsa tebelo ya bosiu ho nahana lentswe la hao.
148 Ke lala ke fadimehile ka nako tsa bosiu, ke ntse ke nahana tshepiso ya hao.
Ke rata ho nahana ditemoso tsa hao, le ho bea ditsela tsa hao pela mahlo a ka.
Ke tsoha bosiu bo boholo ho o rorisa, bakeng sa dikahlolo tsa ho loka ha hao.
Oho Modimo, o Modimo wa ka, ke a o batla;
Ha ke o hopola ke sekame diphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka dinako tsa bosiu.
Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.
Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.