Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.
Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa.
Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.
E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.
Hobane kannete ke a le bolella, ke re: Lehodimo le lefatshe ha di eso ho fete, jota leha e le nngwe, le hlaku leha e le nngwe ya molao, e ke ke ya feta, ho eso ho etsahale ntho tsohle.
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.