Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:141 - Sesotho 1909/1961 (SO)

141 Ke monyenyane, ke a eiswa; leha ho le jwalo, ha ke lebale ditemoso tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

141 Ke monyenyane, ke a nyediseha, empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:141
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bophelo ba ka bo beetswe ho timela ka matsatsi wohle; empa ha ke lebale molao wa hao.


Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.


Ke ntse ke phaila jwaloka nku e lahlehileng; o ke o batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale ditaelo tsa hao.


Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba.


Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; empa Morena o a nkgopola! O thuso ya ka le mopholosi wa ka; Modimo wa ka, o se ke wa dieha.


Leruonyana le lenyenyane la ya tshabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le dipelaelo.


Leruo le lenyenyane le nang le ho loka, le molemo ho feta menono e mengata e nang le bokgopo.


Mofutsana ya tsamayang ka toka ya hae o fetisa ya kgopo mekgweng ya hae.


Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto tsa ka, pelo ya hao e ke e boloke dikeletso tsa me;


O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.


Yaba o emisa mahlo, a tadima barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.


Empa Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ