Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!
Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?
Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.
Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.
Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,
hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.