135 O edisetse sefahleho sa hao ho mohlanka wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.
135 Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao.
Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.
o mpontshe seo ke sa se boneng; ha ekaba ke entse bokgopo, ha ke sa tla hlola ke etsa jwalo!
o re neang dipina tsa thabo hara bosiu, o re fileng bohlale bo fetang ba diphoofolo, le hlalefo e fetang ya dinonyana tsa lehodimo?
Bona, Modimo o phahamile ka matla a wona; na moruti o teng ya kang wona?
O bokwe, Jehova! Nthute dikomelo tsa hao!
Ke o tsebisitse ditsela tsa ka, mme o nkutlwile; o nthute dikomelo tsa hao!
Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!
Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!
Jehova, Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!
Oho Modimo, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!
Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!
Ya eba hona a bulang kutlwisiso ya bona, hore ba utlwisise Mangolo.