13 Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.
13 Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao.
Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova.
Leleme la ka a le rorise lentswe la hao, hobane ditaelo tsa hao kaofela ke ho loka.
Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.
Dikahlolo tsohle tsa hae tsa nna tsa eba pela ka, mme ha ke a ka ka furalla melao ya hae.
Tloong, lona bara ba ka, le mmamele; ke tla le ruta ho tshaba Jehova.
Molomo wa ya lokileng o ntsha mantswe a hlalefileng, leleme la hae le bolela ho loka;
o tle o ipolokele masene, mme molomo wa hao o boloke tsebo.
Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.
Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.
Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.
Ditaelo tseo ke o laelang tsona kajeno, di be pelong ya hao.
O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.