a re: Eyang, le mpotsetse Jehova bakeng sa ka le bakeng sa masala a Iseraele le Juda, hodima dipolelo tsa buka e fumanweng; hobane kgalefo ya Jehova e tsholletsweng rona e kgolo, ka baka la hobane bontata rona ba sa ka ba boloka lentswe la Jehova, ho etsa ka tsohle tse ngodilweng bukeng ena.
Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.
Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.
Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.
Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.
Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;