Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 119:116 - Sesotho 1909/1961 (SO)

116 O ntiise ka pallo ya hao, ke tle ke phele, o se ke wa ntshwabisa tshepong ya ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

116 Mmatlafatse ho ya ka tshepiso ya hao, ke tle ke phele; o se ke wa ntshwabisa, hobane ke o tshepile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 119:116
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

GIMEL. O etse mohlanka wa hao hantle, ke tle ke phele, ke boloke lentswe la hao.


ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.


Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!


hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.


leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.


O mpolokile tokeng ya ka, mme o tla mpea pela hao ka ho sa yeng kae.


Bonang, Modimo ke mothusi wa ka, Morena ke e mong wa ba emelang bophelo ba ka.


Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.


Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Hobane ho itswe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejwe la ntlha, le kgethilweng, la bohlokwa; mme ya dumelang ho lona a ke ke a swaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ