114 O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.
114 O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao.
O se ke wa tlosa puo ya nnete molomong wa ka le ka mohla o le mong, hobane ke lebeletse dikahlolo tsa hao.
Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao.
KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.
Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.
Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)
O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)
Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.
E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.